Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo
Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo
Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo
Ebook163 pages4 hours

Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo

Rating: 3 out of 5 stars

3/5

()

Read preview

About this ebook

A collection of short stories by K. Nkhatho and R.M.H. Moeketsi.

Buka ena e hlalosa maemo a bophelo ba lefatshe lena. Mona mongodi o leka ho hlaha setjhaba sedi ka dintho tse etsahalang ka mehla le mehla lefaseng le bophelong boo re phelang ho bona.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateSep 18, 2017
ISBN9781415452745
Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo

Reviews for Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo

Rating: 3 out of 5 stars
3/5

1 rating0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Dinyane La Tshepe, Sebalamakgulo - K Nkhatho

    Ke kgakola buka ena lebitsong la mofumahadi wa ka Mmafiniase Betty. O mpe o ntshwarele moratuwa ha ke ne ke hlola ke o kgathatsa, ke re o ke o bale, o lokise diphoso moo o di bonang teng. O nthusitse. 

    Ke a leboha ntate Mathibe mora Matseripe.

    Ho bana beso Benjamin Aupaki, Nnyolo Shaft, Puseletso le ba lelapa la hao ka kakaretso, Mmathabiso le bana. Ha re tlamahaneng re beng ntho e le nngwe.

    Ho Mokete Michael Thekiso: O ngwanabo rona. O tlohele ho nna o ingamangama.

    Ho mme, Mankiane Mmakhotso. Ho thwe mosala-le-dikgutsana ha a kgene. Ho ntate Tlale Jacob JT. Lefa le leholo leo o re fileng lona ke thuto Mokubung, Seekoei!

    Ho babadi kaofela ka kakaretso. Peleapele Afrika Borwa e ntjha. Ha re yeng pele tjhaba sa ntate!

    Temoso ho mobadi

    Dipale tse hlahang pokellong ena ke tsa boiqapelo. Ha ho na pale ya nnete ho tsona kaofela. Mongodi o sebedisitse mabitso ao a inahanetseng ona mme a se na kamano ya letho le motho mang kapa mang. Ditaba tse mona kaofela ke dipale feela mme ha di eso ka di etsahala kae kapa kae, ho ya ka moo mongodi a tsebang ka teng.

    Nnete ke hore re phela lefatsheng moo ho ka nnang ha etsahala hore mobadi a lekanye taba tse hlahang mona le tseo yena a di tsebang, empa nnete ya mmaruri ke hore mongodi yena o mpile a ingolla feela ka ditaba tsa bophelo ba lefatshe lena la meutlwa.

    Mongodi o lekile ho tswaka dipale tsa hae. Tse ding ke tse bohloko, ha tse ding e le tse ka nnang tsa thabisa ba di balang. Balang ka thabo.

    Mongodi

    Khotso Nkhatho

    Mmamahabane, Ventersburg

    1

    Dinyane la tshephe, sebalamakgulo

    Dumelang jwale ke a tsamaya,

    Ke tlama thotwana ya ka nthwana batho,

    Ke dinyane la tshepe, sebalamakgulo,

    Menyepetsi kgale e ntjhesa marama,

    Meokgo e le diphulaphula marameng,

    Hwa ntja jwale ke otile ke moketa,

    O ka mpala dikgopo wa di qeta!

    Ke re dumelang jwale ke a tsamaya

    Bitla la monna le thoko ho tsela,  

    Kwana ke yang ha ke tsebe le motho.

    Modimo o teng o tla mpepa,

    Kgale O pepa ba bangata, ditjhabatjhaba.

    Dumelang bo jwale ke a tsamaya!

    Mme a shwa a mpakela mahlomola.

    Mme mmangwane, mosadi wa ntate.

    Mme mmangwane, Ntelekeng.

    Motho ke enwa o ntetebetsa maikutlo,

    O ntetebetsa pelo le maikutlo.

    Ke lala ke songwa le ke tsona dirathana,

    Tsona tsa mme mmangwane, dirathana.

    Jwale hwa ntja ke se ke le motho wa maroko.

    Ke lora bafu, ke lora badimo!

    O ne a bebenya melomo, a sa tsebe hore na a ka tshwara kae a tlohela hokae. Hlanaka a nna a phuthaphutha mehaswana ya hae ka lenyele, ka setu! O ne a hlile a ngotlile mohwasa, a sa rate ho tsosa dibata masene. O ne a ntse a itshwenya feela motho wa batho hoba ka eo nako ke ha bongata bo sa ntse bo kgelekgethisa mahanana, ntsintsi e kena eba e tswa ka hanong. O e tshabe tshotleho!

    Nengneng ngwana batho a iphumana a kokometse hodima thotwana ya hae. Re ka re ke thotwana athe e ne e le yona mehaswana hantle? E, thotwana eo ya hae e ne e akga borikgwe ba kgale bo bokgutshwane, bo seng bo le lerootho ka mmala le hoja sethathong bo ne bo le botala. Meqathatsonyana le yona e teng thotwaneng eo, ha mmoho le kojwana tse pedi tsa tonki. Heee! O e tshabe tshotleho! Hlanaka ngwana batho a hla a a katela makgasa a hae sutukeisinyaneng ya kgale ya mofu mmae. Pelo ya re tlepe! Tsa rotha dikeledi. Tsa rotha, tsa rotha, tsa rotha! Ho thwe monna ke nku ha a ke a lle. Monna o llela ka pelong, empa ha e le dikgapha tsona o ke ke wa di thiba. E, meokgo e tla keleketla e qetelle e iphetotse mefophodi e tshwanang le metsi a noka ha e omme ka mora dikgohola. Ekaba o llelang Hlanaka? Ekaba e llelang kgutsana ena ya batho? Taba ha di timanwe e se bohobe.

    Mohla lenyalo la Kgwadiba le Mmalerato ho ne ho tlile ditjhabatjhaba. O ne o ka ba wa tiisa wa hlapanya hore ke lenyalo la moradi wa kgosi. E ne e se feela. Kgwadiba e ne e le tjaka ya seithati, semomotela sa mohlankana. E, bomme ba bangata ba ne ba tlilo ikgodisa ka a bona mahlo hore na efela e le nnete Kgwadiba o tlohetse baradi ba bona na. Ruri! Pelo tsa bona di ne di le makwebeta mme ba batla ho bona ka a bona mahlo hore ana taba ya hore Kgwadiba o a nyala ke nnete ya mmaruri na.

    Thola ke o jwetse hle o se ke wa iketsa letata le tatela metsing! Thola ke hle ke o qoqele tsa mohla leo lenyalo. Mmalerato o ne a le ka hara le lesweusweusweu twa! lesira, le kang mohlape o mosweu twa! wa dipodi o hlwa thaba hara lehlwa la Mariha. Botle bo bokaalo! Ho Kgwadiba ho le sutu e metsero mme ka mmala e le putswa. Baetsana ba se batle, ba se batle le kgale! Halala! Le monate lenyalo la siwelewele. Thope ke ha di tsanyaolaka sa ditswere mohlakeng kwana athe bahlankana bona ke ha ba kgonyakaka ka dikodu. O ne o ka utlwa eka ke Tafita elwa wa Bibeleng kwana a letsa harepa. Ba se nang mona ba ne ba thenthetsa, ba tila ka maoto fatshe, ba putulaka hore role le lopalle sebakeng sa noha e eta. Bomme basadi ba be ba e palaolaka medidietsane. E ne ere ha o hlaha jwalo ka maaaaneee, o be o se o ntse o kgahlanyetswa feela ke: Alilililiiiiiiiiii!

    Ba re dikuku di monate, lenyalo le boima.

    O sa ba hopola bomme bane ba neng ba ile lenyalong la Kgwadiba le Mmalerato? Na o sa ba hopola na? Ke tjho bane ba neng ba sa kgolwe hore Kgwadiba a ka tlohela baradi ba bona mme a ya nyala ngwana wa hole ditjhabeng kwaa? E bo! O a ba hopola. O ba hopole mme o se ke wa ba lebala.

    Bophelo ba lenyalo la Kgwadiba le Mmalerato bo ile ba nna ba eba boima jwalo ka lenyalo lefe kapa lefe feela, empa bona ba eba lehlohonolo hoba Ramasedi o ile a ba sitsa ka mora. E, mora enwa eo re buang ka yena, Hlanaka. Batswadi ba ile ba mo reha lebitso la Hlanaka hobane ba ne ba ena le tshepo ya hore lapeng leo, ho hlahile mohale ya tla hlanaka ntwa ya mathata a bophelo ba fatshe lena la meutlwa. Ba ne ba ntse ba ithetsa!

    Ba re ha o batla ho fetola motho maikutlo le botho ba hae kaofela hore a qetelle a wele seriti, o mo fe thabisadihoho e bolelwang. Tshabang jwala bahlankana le tle le se ke la lla ka nna hosane mona la re ha ke a le jwetsa!

    A di sebetsa ka bokgabane taba tsa hae Mmadipudula. A hla a di sebetsa ka bokgabane bona bo tsotehang. Moradi wa hae e ne e kile ya eba kgarebe ya Kgwadiba ha ba ntse ba etla ba hola. Mmadipudula o ne a ena le tshepo e tiileng ya hore Kgwadiba e tla ba mokgwenyana wa hae, eseng, hobane feela Kgwadiba e ne e le tjaka eo re seng re e boletse ya seithati. Lebaka le leng hape e ne e le hobane Kgwadiba e ne e bile e le titjhere. Ke mang ya sa tsebeng hore dititjhere tsa mehleng eo di ne di hlompheha jwang? E bo! Le nkutlwile hantle. Ke re ke mang ya sa tsebeng na hore titjhere tsa mehleng eo – MEHLENG EO – di ne di hlompheha jwang?

    A di sebetsa ka bokgabane taba tsa hae Mmadipudula. A hla a di sebetsa ka bokgabane bona bo tsotehang. Moradi wa Mmadipudula, Ntelekeng, o ne a sa tswa hlolwa ke lenyalo mme jwale a tla a hohobisa udunyane ya bana ba bararo. Ba tsebang ba ne ba ka o jwetsa ba re ha Mmadipudula ho a showa! E ne e le hona moo mafasathae a neng a fella teng a ilo momorotsa tsona dino tsena tseo ereng motho ha o di nwa, o lokelang hore o tleberanye melomo ka nkane le ha o sa rate! Di a tjhesa! O ne a se a fella moo he Kgwadiba.

    Ke mang ya neng a ka makala ha a bona Kgwadiba ha a kgutla moo ha Mmadipudula a fihla a bolaisa Mmalerato dipaputla? Ke mang ya neng a ka makala ha a utlwa hore Mmalerato eo wa batho o tshwerwe ke lefu la pelo? Teng ke mang ya neng a ka makala ha a utlwa hore Mmalerato o hlokahetse? Mpolelleng he! Ke mang ya neng a ka makala ha a se a utlwa ka mora dilengwana di sa tshele le letsoho ho se ho thwe Kgwadiba o nyetse Ntelekeng? Ehlile! Ha ho na motho ya neng a ka makala ho utlwa hore Kgwadiba o sheshenelletse Ntelekeng le yona udunyane eo ya bana ba bararo. Ao, Oweele bo banna! Ka nnete o le tshabe lena la meutlwa lefatshe.

    Ho nna ke o bolella ka moo Hlanaka a ileng a sotlwa ka teng ke mmangwanae Ntelekeng, e tla be e le ha ke o tena, ke iketsa moroho wa Leribe kwana, tenane! Ha se maikemisetso a ka ho o tena. Ha se maikemisetso a ka ho o tena empa nke ke ka tswafa ho o bolella hore esita le yena Kgwadiba o ile a qalella a tshwara Hlanaka jwalo ka ha eka ha se ngwana hae. Mokola jwale le wona wa qalella ho nna o thefuthefula Hlanaka hampe feela ka mantswe. Atjhe! Ka nnete ke a utlwa, ke a tshaba!

    * * *

    Ha meokgo e se e omelletse marameng a hae mme a se a entse qeto ya hore o tla fela a siye lapa la habo, a kgutsa hanyane a inamisa hloho. Eitse ha a inamolosa hloho, a qamaka kwana le kwana sa mosha o fula. E! Ka paka tsa lemati la phaposi eo a neng a robala ka ho yona, a bona kganya ya letsatsi. Ngwana batho ya eba hona a elellwang hore esale a hobotse mahlo, a sa bo hlotha bosiu kaofela. Jwale a qalella ho bebenya melomo mme a e bebenya eka motho ya tshabang ho bua.

    Dumelang jwale ke a tsamaya,

    Ke tlama thotwana ya ka nthwana batho,

    Ke dinyane la tshepe, sebalamakgulo,

    Menyepetsi kgale e ntjhesa marama,

    Meokgo e le diphulaphula marameng,

    Hwa ntja jwale ke otile ke moketa,

    O ka mpala dikgopo wa di qeta!

    Ke re dumelang jwale ke a tsamaya,

    Bitla la monna le thoko ho tsela,

    Kwana ke yang ha ke tsebe le motho.

    Modimo o teng o tla mpepa,

    Kgale o pepa ba bangata, ditjhabatjhaba.

    Dumelang bo jwale ke a tsamaya!

    Mme a shwa a mpakela mahlomola.

    Mme mmangwane, mosadi wa ntate.

    Mme mmangwane, Ntelekeng.

    Motho ke enwa o ntetebetsa maikutlo,

    O ntetebetsa pelo le maikutlo.

    Ke lala ke songwa le ke tsona dirathana,

    Tsona tsa mme mmangwane, dirathana.

    Jwale hwa ntja ke se ke le motho wa maroko.

    Ke lora bafu, ke lora badimo.

    Hlanaka a nka thotwana ya hae a e akgela mahetleng. A hla a e akgela mahetleng sa ngaka matsetsele hoja e eya hole kwana ditjhabeng e ilo phekola bona bababi. Yaba o ile, o ile Hlanaka. Yaba o ile le mohodu le mala!

    * * *

    Kgwadiba! Kgwadiba! ke ho Ntelekeng ho kgitla Kgwadiba mafetshwaneng mona ka setswe. Thaka ntona ha e idimola, diteta di tswa eka leleta la kgomo ka hanong. Hela monna towe! Na o a bona hore na ke nako mang mme moleko ola o Hlanaka ha o eso re tlisetse tee? Hwa ntja ho ikotlolla, ho itsharolla jwalo ka hanong ka mona ho nkga phuu! eka ho nkga polokwe e mona e yeng e thetwe ke kgolabolokwe. O tshwanetse hobane matsatsing ana e se e le tshelaletlale! O reng Ntelekeng? O re tseketseke eo ya moshanyana ha e eso tlise tee le hona jwale tjee? Ke ilo mo ebola matlalo!

    Oho! Kgwadiba ha a fihla ka phaposing yane e behetsweng ka thoko bakeng sa kgutsana ya Mmalerato, o fihletse phaposi e ntse e re: O no nnehileng. Batlang, batho. Batlang hohle le e batle kgutsana eo ya Mmalerato. Yaba o ile, o ile Hlanaka.

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1