Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Tholwana Tsa Tokoloho
Tholwana Tsa Tokoloho
Tholwana Tsa Tokoloho
Ebook158 pages2 hours

Tholwana Tsa Tokoloho

Rating: 0 out of 5 stars

()

Read preview

About this ebook

Ba se kotsometse sefate sa tholwana tsa tokoloho ba bohlale ba botjhabela. Ba hlwelletse hodimodimo moo ba kgolang perekisi tse lero le dutlisang mathe. Ba ja monakaladi wa kebolelwa. Ba lebetse ho ebolela matshweletshwele tlase sefateng. A kgakeditse. A ahlame. A ntse a phaphatha. A swabile. A halefile. A bitswa mekopakopa kajeno ha a lwanela ditshepiso tseo a di etseditsweng maobane.

Hobaneng ba sa tsohe ba iketsetse? Ba tsohile. Ba fupere dilepe. Ba ratha sefate. Haufinyana se tla putlama, mme ditholwana tsa teng di ba lekane bohle.

Ke e mong wa bona le yena. Empa yena ha a sa lwana. Ha a sa tshepa. Ha a sa phela. O palehong. Mohale ya tswileng maroleng o kgutletse maroleng, mme o fetohile letlakala.

LanguageSouthern sotho
PublisherMpho Matsitle
Release dateApr 4, 2018
ISBN9780639936116
Tholwana Tsa Tokoloho

Reviews for Tholwana Tsa Tokoloho

Rating: 0 out of 5 stars
0 ratings

0 ratings0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Tholwana Tsa Tokoloho - Ace Moloi

    Kwano motseng wa haeso banna ba ha Moloi ba dula ba potapotilwe ke basadi. Dimema tsa basadi hantle. Moloi ya sa ratweng ke basadi ke lesala-lapeng.

    Basadi ba mona ba kgopo. Pela lengopa mola mme wa teng o ne a nyetswe ke monna ya tshwerweng ke asthma. Ho thwe mosadi enwa o ne a mo emele hore matshwafo a tsietsane, yaba o mo foqa dinawa, mme a mo notlella ka phaposing. Mokola yaba o ikubetsa hofihlela o raha mabota. Ha moya wa hae . . . butle, ha a na moya ke lebetse.

    Lepolesa la ntlong ela e bosweu bo ditshila le nahana hore Chevrolet Spark ke koloi, athe ke motho ntho eo. Ha a pepeta hutara ya yona, ho lla: Ke kopa ho feta, batswadi.

    Yheeyi lona. Ke ne ke ratana le ausi ya etellang pele dipina kerekeng ya pholoso. Yaba ka Sontaha se seng ke tsamaya le popi ena ya ka ho ya tempeleng. Tsatsing leo moratuwa lehlaso la mo etsetsa ntho e ngata. Ka utlwa nkgono e mong a sebela e mong hore: Atjhe! Paulinah o tswa ho ja sebe maobane. Ke nna eo ke phonyohelwa ke se ke itse: Le re sebe ke nna lona ka dinama tse hwammeng?

    Basadi ba kerekeng tsa mona nna ke ba kgotse. Ha ba qala fela ba halalela, ntho ya pele eo ba e etsang ke ho arohana le bahlankana ba bona. Hobaneng kgalalelo e le tsekedisa tje, lona?

    Banna ba teng le bona ke mefuta. O tla nahana hore motho o lliswa ke moya o halalelang ka nako ya ho boka Morena, athe o llela ho nyala. Nna ke tla binela motho O, Mohau Wa Modimo, mme ke hatelle karolwana ena e reng, Ke buswa ke ditakatso tse jang pelo ya ka.

    Ke tlo iketela setulo sa boetapele hore ke tle ke kgone ho emisa seemahale molemong wa moreso elwa wa ho re ruta hore monkgo wa mafura a kgohlopo o tloswa ka seretse. O pholositse manyalo a batho ba bangata eo motho.

    Lenyalo ne! Nna mosadi ke mmatlela feela hore ke robale ke e kupeditse ka serethe bosiu. Tse ngata di tla latela.

    Thapelo ya ka ha ke qeta ho nyala e tlo tshwana hantle le mantswe a Adama tshimong ya Edene. Hoseng ha ke tsoha ke tlo re ho Modimo: Mosadi eo o mphileng yena o mphile yona hore ke je, mme nna ka ja.

    Hape rona re banna ba mona ba tsebang ho hlwekisa tshimo. Monna wa thipa e bohale o mmona ka mehwabadi mokokotlong.

    Ha ke tsebe hore e le hore ke Maseanokeng mona feela, kapa ka kakaretso bomme ba batjha dilemong ba rata ho bua leshano ka masea a bona. Ba motseng ona bona ba kotsi hampe. O utlwe motho a re ngwana wa hae wa dikgwedinyana tse pedi o itse o lakaditse Ultramel maobane.

    Ka tsatsi le leng yaba nna le motswalle wa ka re se re ya lekgotleng la dinyewe ho shebella ha babuelli le batjhotjhisi ba nkgisetsana mahafi nyeweng e tummeng haholo ya sekebekwa se seholo sa mona lapeng. Motswalle enwa wa ka o ne a tswa mapolasing a fifetseng le ho feta, mme a tlwaetse hore hohle moo bongata bo kgobokaneng teng ho na le dijo. Jwale ha moahlodi a kena ka lekgotleng mme bohle re laelwa ka senyesemane hore re eme ka maoto, motswalle a dula fatshe. Ha rona re dula fatshe, yena a phahama, mme a phasoloha: Ke utlwile ntate lepolesa a re, ‘ALL RICE,’ mme nna rice e ntshwarisa lesokolla. Ke kopa papa, batho ba baholo.

    Nkgono wa ka o itse o lorile ntatemoholo wa ka ya seng a iketse maotwana-finyela a re re mo hlabele kgomo, empa monnamoholo o hlokahetse e le motho ya sa jeng nama. Jwale nna ke itse re mo phehele khabetjhe le dikgadika hore a nkgelwe ke lefotha.

    Banana ba Maseanokeng ha ba na teboho. Maobane ke ne ke setse ausi e mong tjena ya marao a kokomohileng morao. Ho ne ho tjhesa, mme nna yaba ke nahana hore ngwana batho o imetswe ke mafikahadi ao. Ka botsa ka moya o motle hore ana nka mo tshwarisa. Tjo! Motho ke eo a ntlabola ka mpama ya dithotsela, ka ba ka bona sefahleho sa nkgono wa nkgono wa ka.

    Tsela eo basadi ba Maseanokeng ba tlepetsang pelo tsa banna ka teng, ke nahana ho theha feme e sebetsanang le banna ba utlwisitsweng bohloko ke basadi, mme mosebetsi wa rona e be ho letsetsa basadi bao. Hang ha ba arabela mohala, e be re ba tsholela maqa a mabedi a mararo.

    Tjo! Nthatisi. Utlwa feela o nkga lehano jwang. Seputa se tswang molomong wa hao se hlahisa tsebe ya ka lethopa. Fela o tla e fumana kae nako ya ho hlapa ha o feba tje!

    Monna ya sa buleng lebekere la tlhapi ka thipa ke ya thipa e sa seheng. Tsa mo ngangisana le thokolosi ya heno.

    Nkile ka utlwana le mme e mong tjena ya neng a hlahile ditedu. O ne o tla mo utlwa a re: HEY WENA, HEY WENA NGWANA TOWE. ATAMELA MONA. PHAKISA KE YA O BITSA. Ha ke fihla ka dihoro ke ipotsa hore jwale o halefetse eng, o mo utlwe a buela fatshe a re: Ntshune hle. Ao banna!

    Tsela eo ke dulang ke tjhonne ka teng, ke belaela hore mokotla wa ka wa tjhelete o na le manyowa.

    Baloi ba mona o ke ke wa ba qeta. Ba ka o tlwepela e le ha ba o tsekisa hore wena o ja phoofo e loyang.

    Taba ya hore banna ke matlakala ke nnete. Le nna ke e tsebile ke sa le mohlankana. Ke ka hoo ha ke fereha kgarebe ke reng ke hloka mothonapi.

    Re sa bua ka basadi jwalo, ho na le e mong eo e neng e re ke mo tenne, yaba o mpuela sekgowa se mafura o re: Get behind me! O tsebe e ne e le basadi ba mona ba sututsang ntho ya ho sheba. Empa tjhe sefahlehong o ne a itshwanela feela le rifi ya mokaubere wa lesole. Yaba ke rapela thapelo ya Morena: O se ke wa nkisa molekong ona. O mpe o ntwanele ho enwa e mobe.

    Thelevishini tsa rona di hlahisa ditshwantsho ka botsho le bosweu feela. Ha Pirates e tsubisana matekwane le Chiefs re di tshwaya ka hore di lebisa kae.

    Ha ke motho le dibaka tsa boikwetliso. Ha ke batla ho ikwetlisa diphaka hanngwe kgweding ke hlatswa dijana. Fela sebaka seo ke se ratang haholo ha ke etetse tulong eo ke se mona se bitswang steam room. Ha re le ka phaposing eo re ikaneha hamonate hore fela. Motho o tswa ka moo o ikutlwa ho ketola moahisane wa mohlolohadi.

    Ke a tseba metlae ya ka ke ya long distance. E fumanelwa bothateng. Maja-ka-thata. Nkile ka leka ho tshwara moketjana wa metlae, fela batho ba nna ba tswa ka bonngwe ka bonngwe, ba ntshiya ke ahlame. Empa ke utlwile ho thwe hoseng ho latelang motse oohle o ne o keketehile.

    Le lona ke a tseba le tla tsheha taba tsena hosane hoseng.

    Ke nna Sebalamakgulo. Sebalamakgulo Mohloki. Ke le tshwaretse ditaba tse dutlisang mathe mabapi le diketsahalo tsa haeso mona Maseanokeng. Boholo ba tsona ke dingolwa tsa ka tse phatlaladitsweng lesedinyaneng la lapeng le bitswang MAFUBE. Empa tse ding ke di qoqetswe, mme ka di kgwaritsa bukeng ya ka eo ke bolokang taba tsa ka ho yona. Ke le tlisetsa tsona di tswa melomong ya beng ba tsona. Ke le neha tsona ka tsela eo ke di boneng ka yona. Ikgwatheng dinko, le tswapolle, le ngwaye, mme le natefelwe ke pale tsena ntle le tshitiso.

    MASEA NOKENG

    Ba mmona ka paka tsa mabitla. Ka sekgeo se ntseng se buleha ha a fothola lehola le pakeng tsa mabitla. E se e le nako a qetetse ho le beha matlong. Kgetlong lena o shebahala a tlhotlhorehile sa difate ka hwetla. O ntse a hetla morao a sa tswa hetla morao. O ntse a fiela ka dintshi fatshe. O na le ditaba, empa ha ho letho le tswang molomong wa hae o thothomelang jwalo ha a re o dumedisa bonkgono le bontatemoholo. Ba mo tadimile ka kutlwelo-bohloko.

    Ha ho hlokahale a botse. O se o fihlile moya wa lona, mme o fumane phomolo sefubeng sa nkgono. O tla le hodisa ka lerato ka yona tsela eo a hodisitseng a mang. Le leholo le se le tseba ho tsamaya, mme le le hlahlamang le qadile ho kgasa maobane. Ha e yo kgutsana mose ho lebitla. Ba rerile ho mo lata. Ho mo pholosa tsietsing tse sa feleng tsa lefatshe tse mo fetotseng mosadi wa marabe, seja-bana ba qeta ho hlaha. Ha ho sa thusa hore a ikolobise ka dikeledi. Moalo wa hae o lokisitswe. Masea a hae a mo hopotse. A qetetse kgale ho sothwa molala le ho nyahlatswa selomong. Ke mma oona feela ya tsebang ho a bapadisa jwalo.

    DINTLE TSA LERATO

    Ruri le ne le le bohloko leo lefu, ke Dipuo eo a bua a ntse a kolletsa kwae ka seatla se seng hore e dule hantle seatleng se seng. O ne a ntse a e bopa hantle hore e tle e etse tutudu. Batho ba bang kannete ekare ba tswetswe le bomadimabe. Ha a rialo ke ha a kwala lesoba le letshehadi la nko, mme ka le letona a metsa tutudu eo ya kwae. Hlwi! Dikeledi tsa theoha ka lebelo marameng ha senifi se kenella methapong.

    Fela basadi ha le nahana mofu o ne a sa tsamaele ngwana enwa wa batho dingakeng? Atjhe, kannete mofu o se a tla ntshwarela moo a leng teng, fela ha se patuwe hore lerato la bona le ne le tshosa le mahlanya. Lemina la senifi la ipetsa le sa rerisa. A le phallela ka sakatuku se mmala wa kgwedi. A ikgutsa motsotswana ho mamella monate wa motsekelo.

    Moitheri a di kena ka sefutho. O tiisitse wena, mokgotsi. Kaofela re belaela yona taba eo. Ke bolela hore banana bohle ba motse ona ba labalabela ho ba ngwetsi tsa ka, empa ausi nnyeo yena esale a dubisa mora wa ka thankga! Moo a reng o boledisa makgabane a mora hae, a thimola ka makgetlokgetlo nako e ka etsang metsotswana e mehlano.

    Shuuu! Mma wena, kwae e monate tje matsale wa hao o kopana le yona kae? Ntse re ipolaisa mokudubete ona o bitswang Babatone mapolasing mona athe basadi ba metseng e pele ba tsuba ntho e bohale tje? Metswalle ya hae ya keketeha haholo ha e utlwa a kgotsa phofshwana ya makgowa ka tjheseho e kaalo. E, kwae e bohale ke thatohatsi ya mosadi.

    Fela le wena o na le ho mmakatsa ka nako tse ding, Moitheri, ho bua Pontsho ka mahlo a tletseng dikgapha ke ho thimola molebe.

    Ke o makatsa e le ha ke entseng jwale nna?

    "O lebetse hore wena le mme wa popinyana le nyemotsana feela ha le kopana? Hobaneng o nahana hore popinyana a ka utlwana le Ntjheme? Hona o tla reng ha o ka utlwa hore mmae ke

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1