Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

O titimetse
O titimetse
O titimetse
Ebook294 pages4 hours

O titimetse

Rating: 0 out of 5 stars

()

Read preview

About this ebook

O titimetse ke pale ya ho lwanela matla. Ke pale e botshang ho hlabana ka lerumo ka morao, le ka moo dira di fetohang diphofu tsa boiphetetso le bora ba bona. Ke nalana ya matsatsing a ho lwanela tokoloho le ka mora moo, mme e iponahatsa ka ho fellwa ke tshepo le ho ba le tshepo, bofuma bo makatsang le borui, le ho tsamanya pakeng tsa lefu le bophelo.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateNov 1, 2018
ISBN9781415461600
O titimetse

Reviews for O titimetse

Rating: 0 out of 5 stars
0 ratings

0 ratings0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    O titimetse - NS Zulu

    O se o le teng, monna?" Ke Selepe eo ka lentswe le monate jwaloka la moeki.

    E, ntate Selepe, ho dumela Keke a tshohile haholo.

    E se e le nako e telele ke eme mona. Ke batlile ke tsamaya. Ke ne ke nahana hore ha o sa tla." O tshohile ho shwa. O lakatsa eka a ka baleha, empa a beta pelo. Mohlomong ho ya lebollong ho a tshosa. O tshoswa hape le ke Selepe. Hobaneng ha a le leredi jwaloka noha tjena?

    Na ha o a bolella motho hore o a titimela jwaloka ha re buisane?

    E, Ntate Selepe.

    Haeka o tshohile tjee, monna?

    E, Ntate Selepe.

    Ha ho letho le tshosang mophatong. Kgale ke o bolella hore ho etswa dintho tse etsang hore moshemane e be monna. O tla kgutla o le monna le wena. O se tshohe letho. O tla kgutla o ikotla sefuba ka hara dithaka tsa hao. Banna ba tla o hlompha. Barwetsana ba tla o rata. Basadi ba tla o kgumamela jwaloka morena ya tshajwang haholo. Bahlankana ba tla o rolela katiba.

    E, Ntate Selepe.

    O bua nnete hore ha ho motho le a le mong eo o mmolelletseng hore o titimela lebollong la ka?

    E, Ntate Selepe.

    Ha re tsamaye he. O tsebe hore ho tloha hona jwale, o ke ke wa hlola o ba moshemane le kgale. O leetong la hao la ho ba monna. O tla ba kwakwariri. Kgale ke o bolella hore ho bobebe jwang ho ba monna, ha feela rona banna re o tshwere ka ana a rona matsoho. Ha re kene he leetong la bohlokwahadi bophelong ba hao. O monna ho tloha kajeno, Keke.

    E, ntate Selepe.

    Selepe a thola nakwana. A hlokomela hore Keke o tsamaya butle. A utlwa a teneha, a batla a mo kgahlapetsa, empa a beta pelo. O tenwa le ke pina ena ya hae ya, E, ntate Selepe.

    Tsamaisa, monna! O tla tlameha o hle o qale hona jwale ho tsamaya jwaloka monna. O tsamaya sesadi. Tsamaya jwaloka lesole le yang ntweng! Hopola! O lesole hona jwale! Kgele! O ke ke wa loka ha o iphetola mosadi.

    E, ntate Selepe. Empa mangole a ka a a kgwehla. Ke tshohile! Ha a realo Keke a dula fatshe. A lla. Hang Selepe a bona hore morero wa hae o tla nyopa. A mo laimela sa phokojwe e laimela konyana. A mo sutela sekatana ka hanong. A mo bofa jwaloka nku. A mo jara. Ha a batle ho kgathatswa ke selallane. Ba mo emetse kwana mophatong. Ha a na nako ya masawana.

    A fumana hore phofu ya hae ha e sokodise. E se e ntse e shwele. Ho se ho setse feela hore a e qetele.

    Mang? E seng nna Selepe. Poho ke nna feela mona. Ha ho e nngwe. Ho tloha kajeno lena, Matjele o tla tseba hore ho jwalo. O tla ntseba hantle ho tloha hona kajeno. Ke nna feela monna mona lekeisheneng.

    A kgotjwa. A wa putla! fatshe. A phopholetsa phofu ya hae lefifing leo le tshabehang. A e fumana. A e jara hape. A lopalla. Empa a hlokomela hore e boima. Hoja a re mosuwe a mo emele tseleng. O ne a e nahanne taba eo, empa a hopola hore ha a ka bua ntho e kang eo, mohlomong morero wa hae o ka nyopa, e be o bonahala e le motho ya sa tsebeng ditaba tsa hae hantle. Hape, o tla be a sa sebetsa dintho hantle. Phofu e lahlelwa hara makanyane.

    Ha a ntse a tsamaya, a utlwa mangole a hae a le boima ka mokgwa o makatsang. Ha a hate ha monate. O betsitse methamo e mmalwa botlolong tse batang, mme ke hona a futhumalang ka maleng.

    A kgotjwa, a batla a diha phofu.

    Leqheka la ka le tla sebetsa. Lekgetlong lena e tla re ha Matjele a ntse a batlana le Keke, nna ke tla be ke thaotha bakgethi. Ho tlamehile ho kgethwe nna lekgetlong lena. Jwang kapa jwang, ke tla hlola dikgetho tsa mmasepala. Ka nnete ke re kajeno ke mo thotse Matjele, ke yena eo a bososela ha a qeta ho tsoha. Kgale ke mo jwetsa hore ke tla be ke mo fumane.

    A kgotjwa hape. Phofu ya hae ya tetlebana fatshe. A e hwalatsa. Ya kgutlisetswa mahetleng hape. A kena leetong leo a le tshepisitseng Keke; leeto la hae la ho qetela. Leeto le boima! Leeto la bonna. A wa, putla! fatshe. A phopholetsa phofu ya hae. A e fumana. A e jara hape. A lopalla ho ya mophatong, mme ha a fihla teng a re: Ha se moo he ke se ke fihlile le yena nna Selepe wa ho jela dikgohlong tse ntsho tse tshabehang! Lekgwaba le molala o mosweu morena wa manong; nong e phelang ka ho ja mahlo le mokotedi; nna sentsho ngwanabo Modiehi seponono sa mosadi; nna ngwanabo Tatolo sekwankwetlahadi; nna setloholo sa Lekgwaba wa ho tshajwa ke tladimothwana sebetsa-banna- molala. A lahlela Keke fatshe, Leeto la rona le fella mona, moshemane. O monna he, ho tloha hona jwale.

    A laela hore ba mo fenethe. Ba tsilatsila, a makala, yaka kelello ya hae e lahlehile. Hang a puruma jwaloka tau, mme Keke ba mo hlwa setha jwaloka makanyane.

    Hang la lahla mmane o kotsi, la ba la duma ho kwalang ditsebe. Hohang Selepe ha a rate pula e nang ka mabifi a kang ana ka dinako tsena tsa mabollo. Boramabollo ba na le ho nehelana ka tladi. Makolwane a mophato o sa tiyang hantle, a atisa ho betswa ke maru. A nyolohela thabeng sefefo seo se ntse se pokile. O sa ilo bua le badimo ba hae.

    Ekare ho teng ho sa tsamayeng hantle. Phoso e teng. Ke letswalo la eng lena le mpetsang hakaana? Empa ba ke ke ba nketsa letho. Ba tla betsa di robehe kaofela ha tsona. Ke monna nna, e seng moshanyana. Lekgetlong lena setulo sa majoro se tla kotsomalwa ke nna. Ke neng boMatjele ba nwa mero ya ka mora leano la kgethollo, empa rona re dula melomo e omme ngoo! O ntse a batla setulo hape? Ka nnete ho lekane. Ho ba majoro ha se mosebetsi, ka hoo he motho ha a tlameha ho dula a kotsometse se maratswana. Hei! O pelo e telele monna ke enwa! Kerekeng ke yena, le dipolotiking ke yena! Ka nnete ha a ke a re fe sebaka.

    Ha a ntse a nyoloha, a utlwa mangole a hae a le boima ka mokgwa o makatsang. Ntho e teng e mo imelang pelong jwaloka lejwe la moralla, mme e dutse teng ha e tlohe, empa e ntse e hola butle jwaloka namane ka mpeng ya kgomo. Pelo ya hae ya mo jwetsa hore kaekae ho na le phoso, empa ha a e thole hantle hore e hokae. Lekgetlong lena bashemane ba ne ba swabile, ba bile ba maketse. Ha ho tshwane le dilemong tse ding moo a yeng a bone ba ithoka ha a qeta ho ntsha pelo ya phofu. Lekgetlong lena o bone ba sosobantse difahleho jwaloka haeka ba tebelong ya eo a neng a ratwa haholo ke bona. Ekare phoso e teng.

    Letswalo lane le qadileng ha ho fenethwa Keke, la mo kgwebeta ha bohloko. Le jwala boo a bo kgaqileng, ba hlaphoha. Kgale a sebetsa mosebetsi ona, empa kajeno o utlwa a le ka mokgwa o sa tlwaelehang. Le letswalo lena leo a sa tsebeng hore le tswa kae le a mo makatsa. Ke la ho qala haesale a bolotsa. Ekare o bolaile ngwana wa hae, kapa e mong wa beng ka yena. Kapa ke hobane a tseba Keke? A ipotsa. A fihla a qotama lejweng jwaloka lenong le qetang ho ja sebodu sa lona, le e so kang le lokisa masiba a lona a bohlaswa. A ke ke a hlolwa ke lekgolwanyana lena le sa tsebeng hore lefatshe ke eng. Lekgetlong lena o tla tseba hantle hore lefatshe le qala kae, mme le fella kae. Le na le moedi moo le fellang teng. Hobaneng a sa tlo tseba? Nako e fihlile jwale ya hore a tsebe.

    Ka nako eo, Matjele o ntse a phofa. O lora motho a qhadile matsoho moyeng jwaloka haeka o tla fofa. O titimela ho yena hore a mo thuse. Ho na le ntho eo a e balehelang. O bokolla ha bohloko. Matjele a mo phallela, empa a tshwarwa ke bohatsu. Ka yona nako eo, mofumahadi wa hae Rosa a mo tsosa. A mo jwetsa hore o phofa ha bohloko.

    Nakwana Matjele a tsohile, a kwala mahlo, a rapela, Jehova ke modisa wa ka. Nke ke ka hloka letho. O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka. O hlabolla moya wa ka. Le ha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe le ha bo le bong, hobane o na le nna. Ke tla nne ke dule moriting wa ntlo ya Jehova ka ho sa yeng kae. Amen.

    Matjele a hlokomela hore maemo ana a ho lahleha ha Keke a ba tshwere ha bohloko haholo, ba eme le monna wa Mateneng. Na ngwana a ka nyamela feela tjena? Ba a lahleha bashanyana ba batho ka nako ena ya mabollo lekeisheneng mona.

    Mmele wa hae o tepelletse ha bohloko, eka a ka tsoha a ithapolla. Empa eitse ha a hlokomela hore ke bosiu haholo, a tlohela mohopolo oo. Ba tla reng batho ha ba mmona a matha bosiu? Ba ka tloha ba qala leshano le makatsang. A utlwa bomme ba Labone ba eme ka yena dikhoneng ha ba tswa thapelong, ba re moruti o se a e na le mokgwa wa ho matha ka kgitla bosui. Na o a loya? A shejwe hantle. Hobaneng a jima bosiu? Ka nnete o a bealetsa.

    Empa hobaneng ha batho ba le tjena? Ba rata hampe ho loisa batho.

    A paqama ka mpa betheng. Boroko bo balehile jwale. O tshositswe ke toro ena e mo makatsang. A robala ka lehlakore le letona. O nahana ka Selepe.

    Matjele o hopola hantle kajeno hore yena le Selepe e bile metswalle e meholo ho tloha botjheng ba bona ba sa kena koletjheng ya botitjhere, empa kajeno kgotso e senyehile. Ke dira tse tshepisanang dithunya moo di kopanang teng. Ho rena lehloyo le tshabehang pakeng tsa bona.

    Matjele o hopola hantle letsatsi la pele mohla ba qalang ho kopana. Ba iphumane ba dula phaposing e le nngwe. Ba dula selemo sa pele mmoho ha monate ho feta bana ba motho bao ka nako e nngwe ba yeng ba lomane jwaloka meutlwana ya serobe se le seng. Matjele a fumana hore ho Selepe ho na le botho bo itseng boo a hlolehang ho bo utlwisisa. A mo fumana e le motho ya ratang maemo, ya kgonang ho bua le batho habobebe, le ha a qala ho ba bona. A mo fumana e le motho ya sebete, ya ratwang haholo ke batho ka lebaka la ho bua maikutlo a hae a sa tshabe letho, empa a bonahala hore ha a kgathalle motho ha a se a fetile ho yena. Ntho ena ya ho se kgathalle batho ba mo ratang, le ba mo tsotellang, e ne e etsa hore ba mmonang ba mo thabele, empa ba mo hlomphe ka tlhompho e sa tsitsang.

    O dula a bua molebe, ha a thabile. Ka nako e nngwe Matjele o ne a ye a qetele a ntse a bua, ha a tsoha hoseng, ebe ha a sa hopola hore ditaba tsa bona di feletse kae.

    Ntwa o e lata letailana. Ha a lwana, ha a thijwe. O manganga a dihole. O dula a qwaketsana le batho ba bang jwaloka moloi. O hloile baetapele hampe, mme o rata hore e be yena qhooku.

    Ke botho bona ba Selepe bo neng bo makatsa Matjele, ebile bo mo thabisa ka nako e nngwe. O ne a sa bo thabele hakaalo, empa ekare bo ne bo tlatsetsa se haellang bothong ba hae.

    Ha Selepe a hlile a hlahisa mokgwa wa hae hantle, a apere kobo ya hae ya seanamarena, Matjele o ne a ye a lakatse eka e ka ba yena eo. A utlwe a ba morolo ha a mmona a sasanka hohle moo a ratang teng kholetjheng, a bina mangae, a ntse a ithoka kgafetsa. Teng ha a bona ditshehlana, o ne a ikonka jwaloka mokoko o bona dithole. Ho tla tshehwa he ke thwetsana.

    Empa le ha ho le jwalo, barwetsana ba bang kholetjheng ba ne ba re Selepe ke kwata e rutehileng, mme o kotsi haholo ha a le jwalo. Ha ba ka ratana le yena ka bongata, a ka ba nyala ka bongata, ba iphumana e le basadi ba sethepu ba sa tsebeng lerato ha a boetse a bonya le ba bang ka ntle ho lenyalo. Ba tshaba le hore ba ka iphumana e le makgoba a tla dula a polwa ka molamu, mme a sila mmela wa majwala, a pheha ditoto tsa majwala ana a tlisang diqabang ka matlong.

    Empa tseo ke tsa kgale, ke Matjele eo a hopola. Haeba Selepe a batla ho ba mojoro wa lekeishene, ho lokile, ha a thaothele dikgetho, empa ka tsela e nepahetseng. E seng hore a mo senyetse ka tsela ena. Bona, hona jwale o mo qabanya le setjhaba, o sitisa barutwana ba hae ho kena sekolo, o kenya moya o mobe kerekeng ya hae. Tsena tsohle o di etsa lebitsong la ho hlola dikgetho tsa mmasepala.

    Empa hobaneng ha motho a le tjena? Tjhe, ka nnete motho ke motho!

    Botebong ba pelo ya hae Matjele o a tseba hore ho ke ke ha ba bobebe ho bolaya Selepe, ka ha e le phokojwe ya sebele, mopheme o fofonelang maraba a le hole. O tshwana le kweetsa e tebileng hoo ho seng motho ya tsebang se ipatileng tlasetlase botebong ba pelo ya hae. O utlwa hole moo ba bang ba sa utlweng teng, mme o bona hole moo ba bang ba sitwang ho bona teng. O bua le meya, mme le difefo di a mo mamela. O laela maru ho betsa moo a supang teng. O kgona ho bua le motho ya hole ka ditoro. O kgona ho thapisa dinoha le ho di laela hore di etse se ratwang ke yena. O thiba sefako se se ke sa na moo a sa batleng teng. Dithaha ha di je mabele ha a sa rate, mme ha a ka nehella tshimo ya hao ka tsona, di etsa mohlolo mabeleng ka nako e kgutshwanyane.

    Monna ya jwalo o matla haholo, ho nahana Matjele, empa he ho yena mona o kopane le monna ya matla ho mo feta. O a tseba hore ha Selepe a le matla a jwaloka a lefatshe, yena Matjele o matla a jwaloka a letsatsi. O emela tsohle tseo letsatsi le leng sona. Matla a letsatsi ke ona a phedisang lefatshe, hape ke ona a le bolayang. Timelo ya lefatshe e tla tliswa ke tsatsi ha le befile.

    Matjele o itshepile hore le yena ke monna ya sebete. Ha a batla ho fetola dintho, ha a qeaqee. Ke moetapele ya kgonang ho bokella matshwele. Ha a bua, o diha dithaba. O na le matla a kang a tshepe e mona e hulelang tse ding ho yona. O na le takatso e matla ya ho bona sephetho sa mosebetsi wa hae. O sefutho, mme o matla jwaloka pholo, hape a le mahlahahlaha jwaloka katola. O boulella seo a se ratang, mme o dumela ho sona. Ha a ya pele, ho wa dithaba tseleng ya hae.

    Seo a se batlang, o atisa ho se fumana. Seo a dumelang ho sona, ha a suthe ho sona. O tletse boiphetetso bo matla, le lehloyo le tebileng. Ha a thefolehile maikutlo, o ikutlwa eka o lefatsheng lesele.

    A fetoha hape, empa a utlwa a kakatwa ke hlooho. A re o a tsoha, a tswafa.

    E, ka letsatsi le leng ketsahalo ya hore moruti Matjele o ne a bolaye kwata e bitswang Selepe, e tla ba tshomo e tla phetelwa bana, dilemo le dilemo. Ka nako eo Selepe o tla be a robetse ho o batang poo!

    A hlakola dikgapha. E, tsohle di tla fela, di moyafale jwaloka mohodi. Le yena Selepe enwa, o tla fela ka letsatsi le leng. E, tsohle di a feta, di a fela.

    Hang a utlwa mmele wa hae o re hlasi! Moriri wa baleha. A fetoha hape. A robala ka lehlakore le letshehadi.

    Banna! A tla a nketsa Selepe ka ngwana wa ka a le mong too! Empa hobaneng ha ke belaella Selepe? Mohlomong Keke o iketse majwaleng kwana. Bana bana ba rata jwala.

    Lehlakore leo a robetseng ka lona la phakisa la kgathala, a robala ka mpa. Mmele wa hae o tepelletse ha bohloko. A dula. A nahana hore a yo nwa jini, empa a hopola hore e fedile maobane. A robala ka mpa hape.

    Matjele a hlokomela hore Rosa o kgalehile, mme o a phofa. O ntse a bobolela tlase jwale ka motho ya nehelang moya. Ha a na taba le yena. A robala ka lehlakore le letshehadi. A hlakola dikgapha. O bona ho le molemo hore ha mosadi a sa robetse, a mpe a iphe sebaka sa hore pelo e sise ka bolokolohi. A bulela diphororo tsa pelo ya hae, hang a utlwa eka o a alafeha. Eitse e le neng, a utlwa Rosa a se a re, Ha ho lla wena o le monna, o re nna ke le mosadi ke tla ba kae? Banna ba matsatsi ana le jwang na haeka le se le fetohile basadi? Kapa ke bona boruti?

    E, ke tlamehile ho mmolaya ha a tla ka tsela e matla tjena. Ke Matjele eo a sa ikutlwe hore o bua haholo. Yaba Rosa le yena o phaphama ditorong tsa hae tsa ho nahana ka Keke.

    O bolaya mang jwale? Nna? Ho botsa Rosa. Kapa o a lora hape?

    Ka mme a ntswetse, ke tlamehile ke mmolaye! Ha ho e nngwe tsela.

    Monna wa batho! Na o a ikutlwa hore o reng?

    Matjele a tsoha. A leba forijing. A bula kane ya biri, a e momorotsa, mme a utlwa eka o tla kgatholoha. O hloka boroko hore kelello ya hae e sebetse hantle, o tlamehile ho robala. Mosebetsi o sa le moholo. Monahano wa Matjele wa kgutlela kwana lebollong. A utlwa mmele wa hae o re hlasi! ha bohloko. Moriri wa baleha.

    Ka nnete Keke o qala ho etsa ntho e kang ena. Kapa ke bona bohlankana basadi! Ke Rosa eo a tsoha. Basadi! A tla a nketsa Keke. E seng o jewe ke koeyoko ee ya mona lekeisheneng?

    Rosa a qala ho rabaraba. A iphumana a se a tswa ka ntle hape. Ha a qeta ho kena ka tlong a botsa, Ha a eso fihle ngwana ka, ntate? Ntate, Keke ha a e so fihle? Ha a eso fihle na? Na ha a e so fihle? Ka nako eo o shebile monna jwaloka ha eka

    o mo etsa sephoqo, ho na le seo a se tsebang. O mpa a batla feela hore ba ke ba bapale phupe ka lefe.

    Ka nako e nngwe Rosa a leke ho itshedisa ka hore Keke o shobedisitswe ke basadihadi ba mona ba dulang ba re dikgomo tse kgolo di hangwa ke bashanyana, mme e sisitse he kgomohadi ya batho. Moshanyana o hama moboella. Jwale ngwana wa hae a ke ke a lokollwa, a itsamaela ka kgotso a e so qete ho hama. Na ba fapane basadi ba moo! A tshwela fatshe. Mohlomong o kwaletswe hona haufinyana mekhukhung ena eo a sa tsebeng hore e ne e le hokae hohle hona.

    A tswa. A shebisisa hohle mane diterateng. Ka nako e nngwe a hle a penye mahlo jwaloka ha eka ho na le hoo a ho bonang ho tlang hole manene lefifing. Ha a hlakola dikgapha, a bone eka le hona ho balehile.

    A kgutlela ka tlong hape, mme a qala fatshe hape a botsa, Ha a e so fihle ngwanaka, ntate? Basadi! Ka tla ka le bona wee nna ngwana batho ka ngwana a le mong! Ntate, Keke ha a e so fihle? Ha a e so fihle na? Na ha a e so fihle?

    Rosa, ke eng haeka o tla qetella o hlanya? Ke neng o botsa potso eo? A ko dule fatshe o kgobe matshwafo. Bana bana ba rona ba rata seterata haholo. Mohlomong le enwa wa rona o se a kenwe ke moya wa ho mathaka le ho lelera diterateng tsa lekeishene bosiu kaofela. A ko iketle hanyane hle! Re tla bona hoseng.

    Rosa ha a utlwe tsena tseo Matjele a di buang. O se a le ka phaphosing ya Keke. A fihla a sheba ka tlasa bethe, ka hara diwotoropo le ka mora lemati. Ha a etsa tsena, o ntse a botsa ka sello. A bitse Keke ka lebitso le mona la hae la KK, le sebediswang ha Rosa a thabile, le seng le bile le sebediswa ho feta la Keke: Keke ngwana ka, o ipatetse eng hle? Hlaha ke o bone. Ke neng mama a o batla? Hlaha hle ngwana ka! Le ha o ipatile hobane o nahana hore ke tla o lwantshetsa hore o fihlile bosiu, nke ke ka etsa jwalo.

    A tswela ka ntle, a sheba seterateng hape. Ho na le ho hong ho tsamatsamayang hole manene lefifing. A ema ho fihlela a hlokomela hore ke e mong wa matahwa a mona a robalang dikhoneng tsa mabenkele le dipeiping tsa metsi. A kgutlela ka tlong: Ha a e so kgutle, Ntate? Ha a e so fihle ngwana ka, Ntate? Ntate, Keke ha a e so fihle? Ha a e so fihle na? Na ha a e so fihle?

    Rosa, ha o dule fatshe ke eng o ke o phodise maikutlo a hao?

    Basadi! Ntho e teng e hlahetseng ngwanaka. Ke e utlwa mona. A itshupa sefubeng. Ntate, o bua nnete ha a e so kene ha ke le ka ntle?

    Matjele a mo sheba ka ho makala. A fumana sefahleho sa hae se sosobane ha bohloko jwaloka haeka o jele terata. A bona hore bohloko bona e hlile bo tla qetella bo mo hlantshitse. A le utlwa le yena lehlaba leo le mo hlaba butlebutle. Ka pelong a ipotsa dipotso tse mo makatsang. Mohlomong Keke o robetse kgarebeng. Na Rosa a ka hlantshwa ke ho nyamenyamela feela ha mohlankana? Haeba ngwana o kgarebeng, o tla reng ha a fihla mona? Bashanyana ba matsatsing ana ke ntho ya bona ho robala matsekela, ba ye ba siye batswadi ba nahana dintho di hana ho fela. Ha ba kgutlile, di a lebalwa. Empa ba ye ba tlwaele mokgwa oo ho fihlela ba hlahelwa ke kotsi.

    Le ha Matjele a leka ho itshedisa ka tsela e jwalo, a hlokomela hore o hobella letlapeng. E ye e re motho a shwele lefu le sehloho, batho ba o tshedise ka tsela eo ekang o mpa o ingamangama feela ka ntho e siyo, kapa e bobebe hampe. Ba etse

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1