Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Boiphetetso
Boiphetetso
Boiphetetso
Ebook126 pages1 hour

Boiphetetso

Rating: 5 out of 5 stars

5/5

()

Read preview

About this ebook

Boiphetetso (“Take or get vengeance” – Southern Sotho) by M.L. Maile. Originally published by Via Afrika in 1960. This drama depicts the extra-marital relationship between Mosuwe and Tswibila which results in the dissolution of Mosuwe’s marriage to Hadiyo, and the consequences of this for him.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateDec 3, 2018
ISBN9781415461570
Boiphetetso

Reviews for Boiphetetso

Rating: 5 out of 5 stars
5/5

1 rating0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Boiphetetso - ML Maile

    KAROLO YA 1

    PONO YA 1

    Phapang lapeng ha Mosuwe. Mosuwe o kena ka tlung, o fumana Hadiyo.

    MOSUWE: Ke hore haesale ke tsoha empa ke eso ho je o hopola jwang Hadiyo? Ke o nyaletse ho etsang? Ke tla inyalla mosadi ya tla ntlhokomela, a ntlhatswetse, a be a nkapehele. Dikgomo tsa ntate di tswetse lefeela ke a bona.

    HADIYO: Ha o re haesale o tsoha ha o eso je o bolela hore o ne o tshwanetse ho ya tsongwa moo o tjhaketseng teng, ebe o isetswa dijo hona teng? Batho bohle ba ja mahabona, e seng diotlwaneng. Ha ke tsebe hore na o nnyaletse ho etsa eng. Ke wena ya nnyetseng mme ke wena ya tsebang seo o nnyaletseng sona. Ha o bua ka hore o tla nyala mosadi ya tla o hlokomela, a o hlatswetse a be a o apehele, ekaba yena o tla kgona ho o tsoma moo o tsamayang teng, a yo lata diaparo tsa hao tse tshwanetseng ho hlatsuwa? Ha o re dikgomo tsa ntatao di tswetse lefeela, teng o nthohaka empa ke sa o etsa letho.

    MOSUWE: Ke sa pheta hape ke re dikgomo tsa ntate di tswetse lefeela. O hopola ho etsang?

    HADIYO: Ha ho ntho eo nka e etsang empa ho bohloko ho nna bore ere ha o kena mona o be o se o ntse o ntlhapaola ka oona mokgwa ona.

    MOSUWE: Mphe dijo o tlohele ho nna o mpuisa ditaba tse ngata.

    (Hadiyo a mo fa bohobe ka sekotlolo)

    MOSUWE: Ke dijo yona ntho ee? O mpha dikgokotlana tsee tsa oohobe, o re ke dijo?

    (Mosuwe a raha sekotlolo dijo tsa ba tsa qhalana)

    HADIYO: Hela Mosuwe, ekaba dijo tse ding ke tla di nka hokae anthe tsee ke tsona dijo tsa ntlo ya hao?

    MOSUWE: O hopola hore nka hla ka ja papa ee e se nang dijelello?

    HADIYO: Dijelello ke tla di nka kae ke le mosadi? Ha. ke re wena monna o ka batla dijelello wa tla wa tseba ho ntwantsha ha o fumana ke sa o lokisetsa tsona?

    MOSUWE: Nna hake hue habedi le mosadi. (A tswa)

    PONO YA 2

    Lapeng habo Tswibila

    MOSUWE: Dumelang, beso!

    MOKGERANE: Dumela, monna'.

    MOSIDI: Dumela ngwana ka.

    MOSUWE: Tswibila o kae, mme?

    MOSIDI: O ntse a le teng ka mono k. a mokgorong. (Tswibila a tswa)

    TSWIBILA: Dumela ntate Mosuwe.

    MOSUWE: Dumela ngwana ka. Ako nthuse ka papanyana, ke shwele ke tlala.

    MOSIDI: Ha o tswe ha hao na ngwana ka? Ha o a ka wa ja na? O ratelang ho re hloisa mosadi wa hao le batho ba motse ka ho nna o kopa dijo kwano?

    TSWIBILA: Mme o bua hoba a sa tsebe bore mosadi eno wa hae o bohlaswa hampe ebile ke motho ya botswa.

    MOSIDI: "O a bolela, ngwana ka. Mo fe he haeba di le teng. Kwana ngwana enwa o a re thusa le rona ka baka la hao, Tswibila. Wena o re ha a hle a o tlisetse kgoho e ntse e le kaofela, ka mohlomong a tlise tjhelete, motho ya jwalo aka hla a lahlwa?''

    MOKGERANE: Le batla le lebala bore le borikgwe bona ke bo reketswe ke yena hle!

    MOSIDI: Ka nnete! Ke ne ke se ke lebetse.

    MOSUWE: Ke ne ke re ke araba mme Mosidi a mpa a ikaraba e le yena. Hona jwale tjena ke tswa hae kwana, ke fumane ho se letho le jewang. Seo ke se filweng e bile dikgokotlana tsa bohobe ba maobane. Sekotlolwana seno ke ile ka se raha ka seeta, bohobenyana bona ba hasanela kwana.

    TSWIBILA: O matsohomaruru. Bakeng sa ho mo fahla ka bona bohobe boo o boetse o bo hasanyetsa fatshe? Tjhe, re ka reng anthe o ntse o mo rata?

    MOSUWE: Nna ke rate ntho e jwalo? Ke tla mo hlopha bore a be a tswe tjoro.

    MOSIDI: Ke oona mokgwa o bonolo wa ho mo ntsha mono lapeng. Ha ho mosadi ya ka tiisetsang ho tshwarwa ka thata ke monna yaba ha a tsamaye.

    MOKGERANE: O utlwe keletso ena ya mmao. Yena ke motho wa kgale ya tsebang dikotjana kaofela.

    MOSUWE: Ke hlile ke ikemiseditse ho mo tshwara jwalo. Maoba mona ke tswa nka tjheletana ya hae eo a e fumaneng ka ho hlaolela batho ba bang. Ke tla mo amoha yona jwalo ho fihlela ha pelo ya hae e kena hara madi, mme a itahla.

    MOSIDI: Hase phoso ha o ile wa nka tjhelete eo. Mosadi wa hao le bana ba hao ba tshwanetse ho tlisa tsa tshebetso ya bbna ho wena. Hake re ho jwalo?

    TSWIBILA: Mme, motho wa lona o ne a hopola kamoso ha ngwana eo e le wa hae bore na o tla ikutlwa jwang.

    MOSIDI: Ao, eya kwana! Hao tsebe ntho eo o e buang.

    MOSUWE: Le jwale Tswibila ha a tsebe ntho eo a e buang. Jwale ke, ke, ke bolaiswa puke empa esale ke kopa dijo? (A di fuwa)

    M OSUWE: Jwale ke tla tsamaya ka mpa e seeta. Ke sa ke ke tsamaya, ketla boyahamamorao. (A tswa)

    MOSIDI: Tswibila, o sethotonyana sa ngwananyana. Ke hobaneng ha o re motho wa rona o ne a hopola ha kamoso ngwana eo e le wa hae? Rona ha re re re a o lokisetsa, wena o rata ho tsosa dibata masene! O ntlhotse.

    MOKGERANE: Le nna ke dumellana le mmao nyatsong ya hae.

    TSWIBILA: Mme, ke ne ke rata ho utlwa maikutlo a Mosuwe. Jwale ke a utlwile, le lona le utlwile bore nna a ke ke a ntshwara jwaleka ha a tshwere mosadi wa hae, Hadiyo.

    MOSIDI: E, empa o se ne o ya lolololo, wa tla wa itshenyetsa.

    PONO YA 3

    Lapeng ha Mosuwe ka phirimana

    MOSUWE: "Moshahla, tjhelete eo o tlang o e sebeditse Gauteng e kae?

    O se o qetile matsatsi a mararo o fihlile hae empa ke sa utlwe o bua letho ka yona."

    MOSHAHLA: Tjhelete ke nnile ka o romella yona, ntate.

    MOSUWE: Ha ke bue ka yeno eo o neng o ntse o e romella. Ke bolela eo o tlileng le yona kajeno.

    MOSHAHLA: Kajeno ha ke a tla le tjhelete. Tekenyana eo ke tlileng le yona ke e neile mme ho ya kamoo ke bonang a hlobotse kateng anthe ke ne ke ntse ke o romella tjhelete hore o ithuse, o be o mo thuse le yena. Tjheletana e nngwe ke e kentse bankeng.

    MOSUWE: O reng? O re mmao o etsang? Ke mang ya neng a ntse a mo apesa pele o hlaha ha kajeno o bolela ho hlobola ha hae?

    MOSHAHLA: Nke ke ka arabela tsa pele ke hlaha. Tseo di ka arabelwa ke wena ntate. Empa jwale ha ke se ke hlahile, ke hodile, mme ke bona bore mme o hlobotse, ke tshwanetse bore ke mo apese.

    HADIYO: Ngwana enwa o mphile diranta tse pedi e le ha a bona diphaka tsa ka di le kantle. Ha ke kgolwe hore ke phoso ha a entse jwalo.

    MOSUWE: O o tsebella kae ngwana eo bore a o fe tjhelete empa nna a se ke a mpha letho? Ke yona thuto ya hao e ditshila eel A mosadi e mobe enwa!

    HADIYO: Ha o re na o ntsebella kae ha o bue letho hobane ngwana base wa monna feela.

    MOSUWE: Ha o a ka wa tla le ngwana kwana haeho.

    HADIYO: "Le wena ha o a ka wa ba le

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1